Esekiele 12:4-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. O tle o ntshetse thoto ya hao ntle, motshehare, pela mahlo a bona, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, pela mahlo a bona, o tswele ntle, ka mokgwa oo bafalli ba tswang ka wona.

5. O tle o phunye lerako pela mahlo a bona, o ntshetse thoto ya hao ntle ka lesoba leo.

6. O tla inkela yona lehetleng pela mahlo a bona, o e ntshetse ntle ka shwalane; o ikgurumetse sefahleho, o tle o se ke wa bona lefatshe; hobane ke o beetse ntlo ya Iseraele ka mokgwa wa setshwantsho.

7. Ka etsa jwalo, kamoo a ntaetseng kateng. Motshehare, ka ntshetsa thoto ya ka kantle, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, ka phunya lerako ka matsoho a ka. Eitse ka shwalane, ka e ntshetsa ntle, mme ka e jara ka mahetla pela mahlo a bona.

8. Ka hosasa, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

9. Mora motho, ha ke re, ba ntlo ya Iseraele, e leng ntlo ya bahanyetsi, ba itse ho wena: O etsang?

10. Ere ho bona: Morena Jehova o re: Boporofeta boo bo supa morena wa Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba leng hona teng.

Esekiele 12