2. Mora motho, o ahile hara ntlo ya bahanyetsi, etswe ba ena le mahlo a ho bona, ba mpa ba sa bone, mme ba na le ditsebe tsa ho utlwa, ba mpa ba sa utlwe; efela ke ntlo ya bahanyetsi.
3. Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi.
4. O tle o ntshetse thoto ya hao ntle, motshehare, pela mahlo a bona, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, pela mahlo a bona, o tswele ntle, ka mokgwa oo bafalli ba tswang ka wona.
5. O tle o phunye lerako pela mahlo a bona, o ntshetse thoto ya hao ntle ka lesoba leo.
6. O tla inkela yona lehetleng pela mahlo a bona, o e ntshetse ntle ka shwalane; o ikgurumetse sefahleho, o tle o se ke wa bona lefatshe; hobane ke o beetse ntlo ya Iseraele ka mokgwa wa setshwantsho.
7. Ka etsa jwalo, kamoo a ntaetseng kateng. Motshehare, ka ntshetsa thoto ya ka kantle, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, ka phunya lerako ka matsoho a ka. Eitse ka shwalane, ka e ntshetsa ntle, mme ka e jara ka mahetla pela mahlo a bona.
8. Ka hosasa, lentswe la Jehova la ntlela, la re:
9. Mora motho, ha ke re, ba ntlo ya Iseraele, e leng ntlo ya bahanyetsi, ba itse ho wena: O etsang?
10. Ere ho bona: Morena Jehova o re: Boporofeta boo bo supa morena wa Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba leng hona teng.
11. Ere: Ke nna setshwantsho sa lona. Ba tla etsetswa jwalokaha ke entse; ba tla falla, ba ye kgolehong.
12. Esita le morena ya leng hara bona, o tla jara thoto lehetleng, ka shwalane, a tswele ntle a le jwalo. Lerako le tla phunngwa ho mo ntshetsa ntle; o tla ikgurumetsa sefahleho, hore a se ke a bona lefatshe ka mahlo.
13. Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.
14. Haele bohle ba mo teetseng hare, le metlatsetsa ya hae, le makgotla a hae, ke tla ba qhalanyetsa meyeng yohle, ke ba phallele ke tsomotse lerumo.