Esekiele 12:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.

17. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

18. Mora motho, ja bohobe ba hao ka thothomelo, o nwe metsi a hao ka ho thekesela le ka tshabo;

19. mme o re ho setjhaba sa lefatshe lena: Haele ba ahileng Jerusalema, naheng ya Iseraele, Morena Jehova o ba bolela ka ho re: Ba tla ja bohobe ba bona ka tshabo, ba nwe metsi a bona ka ho makala, hobane naha e tla senngwa, e hloke tsohle tsa yona, ka baka la bothata ba ba ahileng ho yona.

20. Metse e hahilweng e tla timeletswa, naha e senngwe, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

21. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

22. Mora motho, polelo ke efe eo le nang le yona naheng ya Iseraele, ha le re: Matsatsi a ntse a eketseha, empa pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo e a timela?

23. Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke tla kgaoletsa polelo eo, e tle e se ke ya nna ya phetwa Iseraeleng. O mpe o re ho bona: Matsatsi a ntse a atamela, le yona ketsahatso ya pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo;

24. hobane ho ke ke ha eba pono e nngwe ya mohlolo e tlang ho ba lefeela, leha e le boporofeta ba leshano tlung ya Iseraele, hobane ke nna Jehova.

25. Ntswe lefe kapa lefe leo ke le buileng, ntswe leo le tla phethahala, ha le sa tla diehiswa. Hobane ke mehleng ya lona, lona ba ntlo ya bahanyetsi, ke tlang ho bua lentswe le itseng, mme ke tla le etsahatsa: ho rialo Morena Jehova.

26. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

Esekiele 12