10. Ere ho bona: Morena Jehova o re: Boporofeta boo bo supa morena wa Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba leng hona teng.
11. Ere: Ke nna setshwantsho sa lona. Ba tla etsetswa jwalokaha ke entse; ba tla falla, ba ye kgolehong.
12. Esita le morena ya leng hara bona, o tla jara thoto lehetleng, ka shwalane, a tswele ntle a le jwalo. Lerako le tla phunngwa ho mo ntshetsa ntle; o tla ikgurumetsa sefahleho, hore a se ke a bona lefatshe ka mahlo.
13. Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.
14. Haele bohle ba mo teetseng hare, le metlatsetsa ya hae, le makgotla a hae, ke tla ba qhalanyetsa meyeng yohle, ke ba phallele ke tsomotse lerumo.
15. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke ba lelekelang ditjhabeng, ke ba qhalanyetsang dinaheng tsohle.
16. Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.
17. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
18. Mora motho, ja bohobe ba hao ka thothomelo, o nwe metsi a hao ka ho thekesela le ka tshabo;
19. mme o re ho setjhaba sa lefatshe lena: Haele ba ahileng Jerusalema, naheng ya Iseraele, Morena Jehova o ba bolela ka ho re: Ba tla ja bohobe ba bona ka tshabo, ba nwe metsi a bona ka ho makala, hobane naha e tla senngwa, e hloke tsohle tsa yona, ka baka la bothata ba ba ahileng ho yona.
20. Metse e hahilweng e tla timeletswa, naha e senngwe, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.
21. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
22. Mora motho, polelo ke efe eo le nang le yona naheng ya Iseraele, ha le re: Matsatsi a ntse a eketseha, empa pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo e a timela?
23. Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke tla kgaoletsa polelo eo, e tle e se ke ya nna ya phetwa Iseraeleng. O mpe o re ho bona: Matsatsi a ntse a atamela, le yona ketsahatso ya pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo;