Esekiele 11:4-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ha ho le jwalo, o ba porofetele; mora motho, o porofete.

5. Yaba moya wa Jehova o nkwela hodimo, wa re ho nna: Ere: Jehova o re: Le itsalo, lona ntlo ya Iseraele; leha e le se hlahang kelellong tsa lona, ke a se tseba.

6. Le atisitse babolauwa ba lona motseng, le tlatsitse diterata tsa wona ka ba bolailweng.

7. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Babolauwa ba lona bao le ba rapaladitseng hara motse, ke bona bao e leng dinama, mme motse ke pitsa; haele lona, le tla ntshwa ho wona.

8. Lerumo le a le tshaba, empa ke tla le tlisetsa lerumo: ho rialo Morena Jehova.

9. Ke tla le ntsha teng, ke be ke le neele matsohong a baditjhaba, ke be ke le hlahisetse le dikahlolo.

10. Le tla wa ka lerumo, mme ke tla le ahlola moeding wa Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

11. Motse ona e ke ke ya eba pitsa eo le tla ba dinama tsa yona, ke mpa ke tla le ahlola moeding wa Iseraele.

Esekiele 11