Esekiele 11:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ba tla tla teng, ba tlose diila tsohle tsa teng le manyala wohle a teng.

19. Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;

20. hore ba tle ba tsamaye ka dikomelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e etse; e tle e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.

21. Ha ele bao dipelo tsa bona di tsamayang ka ho rata diila tsa bona le manyala a bona, ke tla bea molato wa metsamao ya bona dihloohong tsa bona: Morena Jehova o rialo.

22. Yaba dikerubime di emisa dipheo tsa tsona, di ena le mabidi maloka le tsona, le kganya ya Modimo wa Iseraele e di okametse nqa hodimo.

23. Mme kganya ya Jehova ya tloha moo e neng e okametse motse, ya ya ema thabeng e nqa botjhabela ho motse.

24. Yaba moya o a nkuka, wa nkgutlisetsa Kalde ho ba isitsweng teng kgolehong, ka pono ya mohlolo, ka moya wa Modimo. Mme pono ya mohlolo eo ke neng ke e bone, ya tloha ho nna, ya nyolohela hodimo.

25. Yaba ke bolella ba isitsweng kgolehong mantswe wohle a Jehova ao a neng a ntshenolele wona.

Esekiele 11