Esekiele 11:12-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ke hona le tla tseba hoba ke nna Jehova, lona le sa kang la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le sa kang la etsa ka melao ya ka, le mpileng la etsa ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare.

13. Ka re ke sa porofeta, Pelathia, mora Benaia, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Jo! Morena Jehova, na ke ho re, o ya timeletsa masala a Iseraele na?

14. Lentswe la Jehova la ntlela, la re:

15. Mora motho, ke banabeno, e, ke banabeno, ke ba heno, ke ba ntlo ya Iseraele, bohle bao baahi ba Jerusalema ba reng ho bona: Tlohang ho Jehova, etswe lefatshe lena le neilwe rona hore re le rue.

16. Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Morena Jehova o re: Leha ke ba lahletse hara ditjhaba, ke ba qhalanyeditse dinaheng, ho bona ke tla mpe ke be sehalalelo ka motsotso o se o kae dinaheng tseo ba ileng ho tsona.

17. Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Ke tla le phutha ditjhabeng, ke le bokelle dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, mme ke tla le nea lefatshe la Iseraele.

18. Ba tla tla teng, ba tlose diila tsohle tsa teng le manyala wohle a teng.

19. Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke be ke bee moya o motjha kahare ho bona; ke tla ntsha pelo ya lejwe nameng ya bona, mme ke ba nee pelo ya nama;

20. hore ba tle ba tsamaye ka dikomelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e etse; e tle e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.

21. Ha ele bao dipelo tsa bona di tsamayang ka ho rata diila tsa bona le manyala a bona, ke tla bea molato wa metsamao ya bona dihloohong tsa bona: Morena Jehova o rialo.

22. Yaba dikerubime di emisa dipheo tsa tsona, di ena le mabidi maloka le tsona, le kganya ya Modimo wa Iseraele e di okametse nqa hodimo.

23. Mme kganya ya Jehova ya tloha moo e neng e okametse motse, ya ya ema thabeng e nqa botjhabela ho motse.

Esekiele 11