1. Mme moya wa nkuka, wa nkisa monyakong wa Botjhabela wa tempele ya Jehova, o lebileng nqa botjhabela; mme ka bona pela lemati la monyako ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasania, mora Assure, le Pelathia, mora Benaia, e le mahosana a setjhaba.
2. Wa re ho nna: Mora motho, ke bona banna ba rerang mehopolo e kgopo, ba eletsang ka dikeletso tse mpe motseng ona,
3. ba reng: Ha ho eso ho be nako; re ka nna ra haha matlo; motse ona ke pitsa, mme rona re dinama.
4. Ha ho le jwalo, o ba porofetele; mora motho, o porofete.
5. Yaba moya wa Jehova o nkwela hodimo, wa re ho nna: Ere: Jehova o re: Le itsalo, lona ntlo ya Iseraele; leha e le se hlahang kelellong tsa lona, ke a se tseba.
6. Le atisitse babolauwa ba lona motseng, le tlatsitse diterata tsa wona ka ba bolailweng.
7. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Babolauwa ba lona bao le ba rapaladitseng hara motse, ke bona bao e leng dinama, mme motse ke pitsa; haele lona, le tla ntshwa ho wona.
8. Lerumo le a le tshaba, empa ke tla le tlisetsa lerumo: ho rialo Morena Jehova.