Esekiele 10:6-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Eitse hobane a laele monna ya apereng lene, ka ho re: Nka mollo dipakeng tsa mabidi, mahareng a dikerubime; a tla, a ema pela lebidi le leng.

7. Yaba kerubime e nanabeletsa letsoho mollong o mahareng a dikerubime, e le dipakeng tsa dikerubime, ya nka mollo, ya o bea diatleng tsa ya apereng lene; eo a o nka, a tswela ntle.

8. Haele dikerubime, ho ne ho bonwa ntho e kang letsoho la motho tlasa dipheo tsa tsona.

9. Eitse ha ke tadima, ka bona mabidi a mane pela dikerubime; lebidi le leng pela kerubime e nngwe, lebidi le leng hape pela kerubime e nngwe; ponahalo ya mabidi e ne e ka ponahalo ya lejwe la krisolithe.

10. Haele ponahalo ya mabidi, bone ba wona a ne a ena le sebopeho se le seng jwaloka hojane lebidi le leng le kene kahare ho le leng.

11. Ho tsamayeng ha wona a ne a tsamaya ka dintlha tse nne tsa wona; ho tsamayeng ha wona, a ne a sa bidikane; hobane nqa efe le efe moo hlooho e neng e leba teng, a ne a e latela; ho tsamayeng ha wona a ne a sa bidikane.

12. Mmele yohle ya dikerubime, le mekokotlo ya tsona, le matsoho a tsona, le dipheo tsa tsona, le wona mabidi, di ne di tletse mahlo kahohle, e le bone ba tsona le mabidi a tsona.

13. Haele mabidi, ka utlwa a reilwe lebitso la setsokotsane.

14. E nngwe le e nngwe e ne e na le difahleho tse nne. Sefahleho sa ya pele e ne e le sefahleho sa kerubime, sefahleho sa ya bobedi e ne e le sefahleho sa motho, sa ya boraro e le sefahleho sa tau, sa ya bone e le sefahleho sa ntsu.

15. Yaba dikerubime di a phahama; e ne e le sona sebopuwa seo ke na beng ke se bone pela noka ya Kebare.

16. Enereha dikerubime di tsamaya, mabidi le wona a tsamaye maloka le tsona; ereha dikerubime di otlolla dipheo tsa tsona ho phahamela lefatshe, mabidi a ne a sa di kgelohe.

17. Ha di ne di ema, le wona a eme; ereha di phahama, a phahame hammoho le tsona, hobane moya wa sebopuwa o ne o le ho wona.

Esekiele 10