14. E nngwe le e nngwe e ne e na le difahleho tse nne. Sefahleho sa ya pele e ne e le sefahleho sa kerubime, sefahleho sa ya bobedi e ne e le sefahleho sa motho, sa ya boraro e le sefahleho sa tau, sa ya bone e le sefahleho sa ntsu.
15. Yaba dikerubime di a phahama; e ne e le sona sebopuwa seo ke na beng ke se bone pela noka ya Kebare.
16. Enereha dikerubime di tsamaya, mabidi le wona a tsamaye maloka le tsona; ereha dikerubime di otlolla dipheo tsa tsona ho phahamela lefatshe, mabidi a ne a sa di kgelohe.
17. Ha di ne di ema, le wona a eme; ereha di phahama, a phahame hammoho le tsona, hobane moya wa sebopuwa o ne o le ho wona.
18. Jwale, kganya ya Jehova ya tloha mohatong wa monyako wa tempele, ya ema hodima dikerubime.
19. Yaba dikerubime di otlolla dipheo tsa tsona, tsa tloha fatshe; ka di bona ha di etswa, le mabidi a bapile le tsona. Tsa ya ema monyakong wa botjhabela wa tempele ya Jehova, kganya ya Modimo wa Iseraele e le hodima tsona, nqa hodimo.
20. E ne e le sona sebopuwa seo ke na beng ke se bone katlasa Modimo wa Iseraele, pela noka ya Kebare, mme ka tseba hoba ke dikerubime.
21. E nngwe le e nngwe e ne e na le difahleho tse nne, e nngwe le e nngwe ya tsona hape e ne e na le dipheo tse nne; tlasa dipheo tsa tsona, ho ne ho hlaha ntho e kang matsoho a motho.
22. Haele tshobotsi ya difahleho tsa tsona, e ne e le tsona difahleho tseo ke na beng ke di bone pela noka ya Kebare, e le ponahalo e le nngwe, e le tsona tsona. Di ne di tsamaya, e nngwe le e nngwe e lokile feela.