Esekiele 10:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha ke boela ke tadima, ka bona sebakeng se okametseng dihlooho tsa dikerubime ho le ho kang lejwe la safire, ho kang ntho e nang le ponahalo ya terone, e bonwang hodimo ho tsona.

2. Yaba o bua le monna ya apereng lene, a re: Kena kahare ho mabidi, tlasa dikerubime, o kakole mashala a hlenneng ka diatla tsa hao tse pedi mahareng a dikerubime, o a tshollele motseng. Mme a tla teng, ke ntse ke mmona.

3. Haele dikerubime, di ne di eme ka nqa ho le letona ho tempele, ha monna eo a etla, mme leru le ne le tletse lebala le kahare.

4. Yaba kganya ya Jehova e tloha dikerubimeng, ya ikela mohatong wa monyako wa tempele; tempele ya tlala leru, lebala lona le ntse le tletse phatsimo ya kganya ya Jehova.

5. Modumo wa dipheo tsa dikerubime wa utlwahala le lebaleng le kantle, o ka lentswe la Modimo o matla wohle, ha o bua.

6. Eitse hobane a laele monna ya apereng lene, ka ho re: Nka mollo dipakeng tsa mabidi, mahareng a dikerubime; a tla, a ema pela lebidi le leng.

7. Yaba kerubime e nanabeletsa letsoho mollong o mahareng a dikerubime, e le dipakeng tsa dikerubime, ya nka mollo, ya o bea diatleng tsa ya apereng lene; eo a o nka, a tswela ntle.

8. Haele dikerubime, ho ne ho bonwa ntho e kang letsoho la motho tlasa dipheo tsa tsona.

9. Eitse ha ke tadima, ka bona mabidi a mane pela dikerubime; lebidi le leng pela kerubime e nngwe, lebidi le leng hape pela kerubime e nngwe; ponahalo ya mabidi e ne e ka ponahalo ya lejwe la krisolithe.

10. Haele ponahalo ya mabidi, bone ba wona a ne a ena le sebopeho se le seng jwaloka hojane lebidi le leng le kene kahare ho le leng.

Esekiele 10