Esekiele 1:26-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Kahodimo ho sebaka se okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho le ntho e kang lehakwe la safire, e nang le sebopeho sa terone; mme sebopehong sa terone, ho ne ho le ntho e kang sebopeho sa motho ya dutseng ho yona, nqa hodimo.

27. Mme ka bona ho kang koporo e hlenneng, hoo e kang ke mollo o mo etseditseng bodulo ka nqa tsohle; ho tloha ho hoo e kang ke letheka la hae, nqa hodimo, le ho tloha ho hoo e kang le letheka la hae, nqa tlase, ka bona eka ke mollo le kganya e mo teelang hare.

28. Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.

Esekiele 1