Esekiele 1:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.

2. Ka selemo sa bohlano sa ha morena Jojakine a isitswe kgolehong, ka la bohlano ho kgwedi,

3. lentswe la Jehova la tlela Esekiele, mora Busi moprista, a le naheng ya Bakalde, pela noka ya Kebare; letsoho la Jehova la eba ho yena hona teng.

4. Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;

5. bohareng ba mollo, ka bona ntho tse kang dibopuwa tse utlwang tse nne; haele tshobotsi ya tsona, di ne di na le tshobotsi ya batho.

6. Se seng le se seng se ne se na le difahleho tse nne, hape se seng le se seng se ne se na le dipheo tse nne.

7. Maoto a tsona e ne e le maoto a tsepameng; haele bohato ba maoto a tsona, e ne e ka bohato ba tlhako tsa namane; a ne a benya jwalokaha ho benya koporo e bentshitsweng.

8. Mahlakoreng a tsona a mane, ho ne ho hlaha matsoho a kang a motho, a tswang tlasa dipheo tsa tsona; haele bone ba tsona, di ne di na le difahleho tsa tsona le dipheo tsa tsona.

Esekiele 1