Esdrase 3:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ba tsosa aletare setsheng sa yona, leha ba ne ba ntse ba tshohile ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, mme teng ba hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso, e leng ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya.

4. Ba etsa le mokete wa Metlotlwane ka ho ya ka se ngodilweng, le ditjheso tsa tsatsi le leng le le leng ka palo ya tsona le ka taelo ya tsona; ka tsatsi le leng le le leng ha etswa se sa lona.

5. Hape, ha etswa setjheso sa mehla, le sa kgwedi ha e thwasa, le sa mekete yohle e halalelang ya Jehova, le sa motho ka mong ya ratang ho hlabela Jehova sehlabelo.

6. Ho qala ka tsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, ba hla ba qala ho hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso; empa ke ha tempele ya Jehova e eso ho thewe.

7. Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.

Esdrase 3