Esdrase 3:12-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Baprista ba bangata, le Balevi, le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, e leng maqheku a neng a bone ntlo ya pele, ba lla, ba bokolla, ha ba bona ho bewa metheo ya ntlo eo pela mahlo a bona; hape, ba bangata ba etsa ditlatse tsa thabo;

13. ho se motho hara setjhaba ya ka kgethang modumo wa ditlatse tsa thabo ho modumo wa ho lla ha setjhaba; hobane setjhaba se ne se etsa ditlatse tse kgolo, tseo modumo wa tsona o neng o utlwahala hole.

Esdrase 3