11. Ba dumelana ba ntse ba rorisa, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ho Iseraele ke o sa feleng. Setjhaba sohle sa etsa ditlatse tse kgolo tsa ho rorisa Jehova ka taba ya hobane ho thewa metheo ya ntlo ya Jehova.
12. Baprista ba bangata, le Balevi, le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, e leng maqheku a neng a bone ntlo ya pele, ba lla, ba bokolla, ha ba bona ho bewa metheo ya ntlo eo pela mahlo a bona; hape, ba bangata ba etsa ditlatse tsa thabo;
13. ho se motho hara setjhaba ya ka kgethang modumo wa ditlatse tsa thabo ho modumo wa ho lla ha setjhaba; hobane setjhaba se ne se etsa ditlatse tse kgolo, tseo modumo wa tsona o neng o utlwahala hole.