Esdrase 2:54-70 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

54. le bana ba Netsia, le bana ba Hathifa.

55. Haele bana ba bafo ba Salomone, ya eba bana ba Sothai, le bana ba Hassoferethe, le bana ba Peruda,

56. le bana ba Jaala, le bana ba Darkone, le bana ba Giddele,

57. le bana ba Shefathia, le bana ba Hatthile, le bana ba Pokerethe-Hatsebaime, le bana ba Ami.

58. Kaofela ha Banethinime le bana ba bafo ba Salomone ya eba makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong a metso e mmedi.

59. Ba bang ke ba tlohileng Thele-Mela, le Thele-Harsha, le Kerub-Addane, le Immere, ba mpa ba sitwa ho supa matlo a bontata bona le lesika la bona le pakang hore ke Baiseraele:

60. Ke bana ba Delaia, le bana ba Tobia, le bana ba Nekoda, batho ba makgolo a tsheletseng a mashome a mahlano a metso e mmedi.

61. Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Habaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai, bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a bitswa ka lebitso la habo bona.

62. Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.

63. Mmusisi a ba bolella hore ba se no ja ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.

64. Phutheho kaofela, ha e balwa hammoho, ya etsa batho ba kete tse mashome a mane a metso e mmedi tse nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng,

65. kantle ho makgoba a bona a banna le a basadi a neng a etsa dikete tse supileng tse nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e supileng; ba makgolo a mabedi ho bona e ne e le dibini tsa banna le tsa basadi.

66. Hape, ba ne ba na le dipere tse makgolo a supileng a mashome a mararo a metso e tsheletseng, le dimulete tse makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e mehlano,

67. le dikamele tse makgolo a mane a mashome a mararo a metso e mehlano, le diesele tse dikete tse tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mabedi.

68. Eitse hobane ba fihle tlung ya Jehova ya Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa ntlo ya Jehova dimpho ka ho rata ha bona, hore e tsoswe setsheng sa yona.

69. Hape, ka ho ikutlwa matla a bona, ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong, le dimina tsa silefera tse kete tse hlano, le diaparo tse lekgolo tsa baprista.

70. Jwale, ke ha baprista, le Balevi, le bao e leng batho feela, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, ba aha metseng ya bona; le Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.

Esdrase 2