32. bana ba Harime ba makgolo a mararo a mashome a mabedi;
33. bana ba Lode le Hadide le Ono ba makgolo a supileng a mashome a mabedi a metso e mehlano;
34. bana ba Jeriko ba makgolo a mararo a mashome a mane a metso e mehlano;
35. bana ba Senaa ba kete tse tharo tse nang le makgolo a tsheletseng a mashome a mararo.
36. Haele baprista, ya eba bana ba Jedaia, wa ntlo ya Joshua, ba makgolo a robileng mono o le mong a mashome a supileng a metso e meraro;
37. bana ba Immere ba sekete se nang le mashome a mahlano a metso e mmedi;
38. bana ba Pashkure ba sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a mane a metso e supileng;
39. bana ba Harime ba sekete se nang le leshome le metso e supileng.
40. Haele Balevi, ya eba bana ba Joshua le Kadmiele, ba lesika la bana ba Hodavia, ba mashome a supileng a metso a mene.