Esdrase 2:13-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. bana ba Adonikame ba makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng;

14. bana ba Bigvai ba kete tse pedi tse nang le mashome a mahlano a metso e tsheletseng;

15. bana ba Adine ba makgolo a mane a mashome a mahlano a metso e mene;

16. bana ba Athere ba lesika la Esekiase, ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng meno e le mmedi;

17. bana ba Betsai ba makgolo a mararo a mashome a mabedi a metso e meraro;

18. bana ba Jora ba lekgolo le nang le leshome le metso e mmedi;

19. bana ba Hashume ba makgolo a mabedi a mashome a mabedi a metso e meraro;

Esdrase 2