Esdrase 10:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa Jonathane, mora Asaele, le Jahsia, mora Thikva, ba hana moo, ba emelwa ke Meshullame le Molevi Shabthai.

16. Haele ba kgutlileng kgolehong, bona ba etsa. Moprista Esdrase, le banna ba bang, bao e leng dihlooho tsa matlo a bontata bona, ba kgethwa ka matlo a bontata bona, mme bohle ba bolelwa ka mabitso a bona. Ba tla hammoho ka tsatsi le qalang kgwedi ya leshome, ho botsisisa taba ena.

17. Ka tsatsi le qalang kgwedi ya pele, ba qetella taba tsa banna ba nyetseng basadi basele.

Esdrase 10