4. Haele bohle ba setseng ba setjhaba sa Jehova, hohle moo ba jakileng teng, ba teng ba ke ba ba thuse ka silefera, le kgauta, le mesebetsi, le dikgomo, kantle ho dimpho tse ntshetswang ntlo ya Modimo o Jerusalema ka ho rata.
5. Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.
6. Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.
7. Hape, morena Siruse a ntsha dipitsa tsa ntlo ya Jehova tse neng di nkilwe Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a di bea tlung ya modimo wa hae.
8. Siruse, morena wa Persia, a re, di ntshwe ke Mithredathe, mmoloki wa matlotlo; yaba eo o di nea Sheshebatsare, kgosana ya Juda.