9. Hlabang mokgosi, lona ditjhaba; le tla robakwa dikoto. Sekehang ditsebe, lona bohle ba ahileng dinaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto; itlameng matheka, le tla robakwa dikoto.
10. Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.
11. Hobane Jehova, mohla letsoho la hae le ntshwereng, a ntemosang hore ke se ke ka ya ka mehlala ya setjhaba sena, o mpoleletse, a re:
12. Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.
13. Kgethang lebitso la Jehova wa makgotla feela, e be yena feela le mo tshabang, le mo tshohang.