11. Hobane Jehova, mohla letsoho la hae le ntshwereng, a ntemosang hore ke se ke ka ya ka mehlala ya setjhaba sena, o mpoleletse, a re:
12. Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.
13. Kgethang lebitso la Jehova wa makgotla feela, e be yena feela le mo tshabang, le mo tshohang.
14. E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.
15. Ba bangata ba bona ba tla kgoptjwa, ba we, ba robehe, ba tshwaswe, ba tshwarwe.
16. Phutha bopaki boo, o tiise thuto eo ho barutuwa ba ka.
17. Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.
18. Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.
19. Ha ba ka re ho lona: Botsisisang ba nyollang bafu, le dinohe tse toutang, tse wewetsang, le mpe le re: Hleka setjhaba ha se na ho botsa Modimo wa sona na? Hleka ho ka botswa bafu taba tsa ba utlwang na?
20. Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.
21. Se tla solla lefatsheng hara hloreho le tlala; ha se lapa, se tla fellwa ke pelo, se rohake morena wa sona le Modimo wa sona; leha se lelala hodimo,