Esaia 7:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Yaba Jehova o re ho Esaia: Tloha jwale, o kgahlanyetse Akase, ho ye wena le Sheare-Jashube, mora hao; le tla mo fumana bofellong ba foro ya metsi a letsha le hodimo, mmileng wa tshimo eo ho hlatsuwang ho yona.

4. Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.

5. Leha Siria le Efraime le mora Remalia ba rerile ho o etsa hampe, ba re:

6. A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikgapele motse, re bee mora Tabeele morena wa teng.

7. Morena Jehova o re: Taba eo e ke ke ya etsahala, e ke ke ya hlaha.

8. Hobane motse wa moreneng wa Siria ke Damaseka, mme hlooho ya Damaseka ke Retsine; dilemo tse mashome a tsheletseng le metso e mehlano ha di fetile, Efraime o tla timetswa, ha e sa tla hlola e eba setjhaba.

9. Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.

Esaia 7