3. Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,
4. le nna ke tla kgetha kotlo tsa bona, ke ba hlahisetse seo ba se tshabang; hobane ke bitsitse, mme ha ho ya arabileng; ke boletse, mme ha ba ka ba mamela, empa ba entse ho leng hobe mahlong a ka, ba ikgethetse seo ke sa se rateng.
5. Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.
6. Lentswe le lerata le tswa motseng, lentswe le tswa tempeleng, ke lentswe la Jehova ya busetsang ho dira tsa hae ka diketso tsa tsona.
7. A eso ho utlwe bohloko, o setse a belehile; a eso ho be matswalo, o setse a hlahisitse mora.
8. Ke mang ya utlwileng taba e jwalo? Ke mang ya boneng e tshwanang le yona? Na naha e ka tswalwa ka tsatsi le le leng, kapa setjhaba se ka tswalwa hang na, haele mona Sione a tswala bana ba hae kapele a sa qala ho utlwa bohloko na?
9. Nna ke tswadisang ba bang, nka lesa ho tswadisa Sione na? ho botsa Jehova. Nna ke neang ba bang bana, nka thibela Sione ho tswala na? ho botsa Modimo wa hao.
10. Ithabiseng le Jerusalema, nyakallo ya lona e ke e tsoswe bakeng sa hae, lona kaofela ba mo ratang! Ithabeleng haholo le yena, lona kaofela ba nnileng ba mo llela;
11. hore le tle le anyeswe, le kgoriswe ke letswele la matshediso a hae, le tle le nwe ka nyakallo mononong wa kganya ya hae.
12. Hobane Jehova o re: Bonang, ke tla phallisa kgotso ho yena jwaloka noka, kganya ya ditjhaba e mo phallele jwaloka molapo o kgaphatsehang; le tla anyeswa, le sikwe matsohong, le phaphathwe mangoleng.