Esaia 64:9-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.

10. Metse e halalelang ya hao e fetohile nahathothe, Sione ke nahathothe, Jerusalema ke lesupi.

11. Ntlo ya rona e halalelang e kganyang, moo bontata rona ba binneng dithoko tsa hao teng, e tjhele ke mollo; tsohle tseo re neng re di rata di senyehile.

12. Oho Jehova, ha o bona diketso tseo, na o ka itshwara, o ka kgutsa na, wa re tlohela mahlomoleng a fetisisang na?

Esaia 64