Esaia 64:3-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. jwaloka mohla o kileng wa etsa mehlolo e tshabehang eo re neng re sa e lebella, mme wa theoha, dithaba tsa ba tsa keleketla pela sefahleho sa hao!

4. Esale ho hlaheng, batho ha ba eso ho utlwe, ditsebe ha di eso ho mamele, le mahlo ha a eso ho bone Modimo, haese wena o etsang jwalo ho ba o tshepileng.

5. O kgahlanyetsa ya ithabisang ka ho etsa ho lokileng, ya o hopolang ka ho boloka ditsela tsa hao. Bona, wa nna wa halefa, hobane re ne re o sitetswe, mme ra tiisetsa teng halelele; mme re ka bolokeha jwang?

6. Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.

Esaia 64