3. O tla ba moqhaka o kganyang letsohong la Jehova, le lebenyane la borena letsohong la Modimo wa hao.
4. Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.
5. Hobane jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao ba tla o nyala; mme jwaloka ha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao o tla o thabela.
6. Ke beile dibohodi marakong a hao, Jerusalema; di ke ke tsa kgutsa le ka motsotso o le mong, motshehare le bosiu. Lona bao le hopotsang Jehova, le se ke la ipha sebaka sa ho phomola!
7. Le se ke la mo fa sebaka, a be a tsose Jerusalema, a mo etse motse o roriswang lefatsheng!
8. Jehova o hlapantse ka le letona la hae, ka letsoho la hae le matla, a re: Ha ke sa tla hlola ke neela dira tsa hao koro ya hao hore e be dijo tsa tsona, mme baditjhaba ha ba sa tla hlola ba enwa veine ya hao eo o itshebeleditseng yona.
9. Empa ba kotulang koro, ba tla e ja ba ntse ba boka Jehova, mme ba kgileng ditholwana tsa veine, ba tla e nwa mabaleng a sehalalelo sa ka.
10. Tswelang, tswelang menyakong; le hlekele setjhaba mmila! Batalatsang, batalatsang tsela, tlosang majwe, le hlomele ditjhaba folaga!
11. Bonang, Jehova o tsebisa dipheletso tsa lefatshe taba ya ho re: Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Mmoloki wa hao o a fihla; bona, o na le moputso wa hae, pheelo ya hae e mo eteletse pele.