20. Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le dikela, le kgwedi ya hao ha e sa tla hlola e fifala, hobane Jehova e tla ba lesedi la kamehla ho wena, mme matsatsi a hao a ho lla etlaba a fetile.
21. Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.
22. E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ya nyatsehang a fetohe setjhaba se sengata. Nna Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ya teng.