Esaia 53:11-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.

12. Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.

Esaia 53