26. O emisetsa ditjhaba tse hole folaga ya hae, mme o di hlabela mokgosi, hore di tlohe pheletsong ya lefatshe; mme hang, di a phalla, di tla ka lebelo.
27. Ha ho motho ho tsona ya tla kgathala, leha e le ho kgoptjwa; ha ho ya tla otsela le ho robala; maqhama a bona a ke ke a tlamoloha mathekeng a bona, kgole tsa dieta tsa bona di ke ke tsa lokoloha.
28. Metsu ya bona e bohale, diqha tsohle tsa bona di kobilwe, dikgaba tsa ditlhako tsa dipere tsa bona di ka mahakwe, mme maoto a makoloi a bona a fofa jwaloka setsokotsane.
29. Ho puruma ha bona ho ka ha tau e tshehadi, ba puruma jwaloka ditau tse ntjha, ba kurutla, ba tshwara kgapo, ba ya le yona; ha ho motho ya tla e hlwibila ho bona.
30. Tsatsing leo, ho tla duma hodima Juda, jwalokaha ho duma lewatle; ha ho tadingwa lefatshe, ho tla bonwa lefifi le mahlomola, hodima lesedi le tla fifatswa ke maru.