Esaia 5:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke tla binela moratuwa wa ka sefela sa moratuwa wa ka, bakeng sa tshimo ya hae ya merara. Moratuwa wa ka o ne a na le tshimo ya merara leralleng le nonneng.

2. A e lema, a tlosa majwe ho yona, a hloma merara e kgethilweng, a haha tora hara yona, a epela sehatelo teng; a tshepa hore e tla bea ditholwana tse monate, empa e beile tse babang.

Esaia 5