Esaia 49:14-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Sione o na be a itse: Jehova o ntlohetse, Morena o ntebetse.

15. Hleka mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngwana wa mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, nna, nke ke ka ba ka o lebala.

16. Bona, ke o ngodile diatleng tsa ka; marako a hao a pela ka kamehla.

17. Bara ba hao ba ya tla ka lebelo; ba o sentseng le ba o entseng lesupi ba tla baleha.

18. Thalatsa ka nqa tsohle, o tadime! Ba phutheha kaofela, mme ba tla ho wena. Jehova o re: Ka nna ke leng Modimo, ke re: Ruri o tla ikgabisa ka bona kaofela, o itlame ka bona, jwaloka monyaduwa ha a itlama ka mekgabo ya hae.

19. Haele dithako tsa hao, le naha ya hao e entsweng lesupi, le lefatshe la hao le senyehileng, le tla patisana ke bongata ba baahi; mme ba o jeleng ba tla fallela hole.

20. Bana ba hao, bao o neng o amohilwe bona, ba tla pheta polelo ena ditsebeng tsa hao, ba re: Setsha sena se patisane; mphe sebaka, ke tle ke ikahele.

Esaia 49