Esaia 48:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ka baka la lebitso la ka, ke dieha ho hlahisa kgalefo ya ka; ka baka la kganya ya ka, ke itshwere bakeng sa hao, ke se ke ka o fedisa.

10. Bona, ke o hlwekisitse, empa ha ke a ka ka fumana silefera; ke o lekile seboping sa mahlomola.

11. Ka baka la ka, la ka ka sebele, ke tla etsa hoo, hobane lebitso la ka le ka nyefolwa jwang? Nke ke ka nea e mong kganya ya ka!

12. Mmamele, Jakobo, le wena Iseraele eo ke o bitsitseng! Ke nna ke leng wa pele, le wa morao esale nna.

13. Letsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, mme le letona la ka le adile mahodimo; ke a bitsitse, a hla a hlaha hang.

14. Phuthehang kaofela, le mamele: Ke mang hara bona ya boletseng ditaba tsena na? Eo Jehova a mo ratang o tla phetha thato ya hae hodima Babilona, letsoho la hae le lwantshe Bakalde.

15. Ke nna, ke nna ya boletseng, ke nna ke mmitsitseng; ka mo lata, mme o tla atleha tseleng ya hae.

16. Atamelang ho nna, le mamele! Esale ho hlaheng, ha ke a ka ka bolela sephiring, esale qalong ya morero wa ditaba tsena ke ntse ke le teng; mme jwale, Morena Jehova o nthomile le moya wa hae.

17. Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: Nna Jehova, Modimo wa hao, ke o ruta se o tshwanelang, ke o tsamaisa ka tsela eo o tshwanetseng ho tsamaya ka yona.

18. Oho! hoja o ka lemoha ditaelo tsa ka! kgotso ya hao e ka nna ya phalla jwaloka noka; ho loka ha hao ho ka tlala jwaloka maqhubu a lewatle.

19. Leloko la hao le ka ba lengata jwaloka lehlabathe la lona; bana ba hao ba tswang maleng a hao ba ka ba bangata jwaloka majwana a lona; lebitso la hao le be le ke ke la tloswa, la fediswa pela ka!

20. Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!

Esaia 48