Esaia 48:20-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!

21. Ba ke ke ba nyorwa naheng e tshehla, ha ba haola ka yona; o tla phallisa metsi lefikeng bakeng sa bona, a petsole lefika, metsi a kwelle ho lona.

22. Ha ho kgotso e boloketsweng ba bolotsana, ho bolela Jehova!

Esaia 48