Esaia 45:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?

10. Ho madimabe ya reng ho ntatae: Na o tswetse eng? le ho mmae: Na o belehile eng?

11. Ho itswe ke Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, Mmopi wa hae: Na ke tla botswa tse tlang ho tla? Na ke tla laelwa bakeng sa bana ba ka, le bakeng sa mosebetsi wa matsoho a ka na?

12. Ke nna ke entseng lefatshe, ke bopileng motho hodima lona; mahodimo a adilwe ke nna ka matsoho a ka, ka laola makgotla a wona kaofela.

13. Ke nna ke hlahisitseng Siruse ho lokeng ha ka, mme ke tla batalatsa ditsela tsa hae tsohle; o tla tsosa motse wa ka, a lokolle baholehuwa ba ka, e seng ka tefo, e seng ka dimpho; ho bolela Jehova wa makgotla.

14. Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.

15. Ruri, o Modimo o ipatang, wena Modimo wa Iseraele, wena Mmoloki!

16. Kaofela ha bona ba tla swaba, ba hlajwe ke dihlong; baetsi ba ditshwantsho ba tla ya hammoho, ba hlabiswe dihlong.

17. Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.

Esaia 45