9. Bohle ba etsang ditshwantsho ke lefeela; mesebetsi ya bona e roriswang ka ho fetisa ha e thuse letho; ditshwantsho tseo ke dipaki tsa hoo, ha di bone, ha di na tsebo, ba tle ba hlabiswe dihlong.
10. Ke mang ya ka teang modimo, leha e le ho tsholla setshwantsho, a sa rue letho ka sona?
11. Bonang, bohle ba di latelang ba tla swaba, etswe ba di sebetsang e le batho feela; a ba ke ba phuthehe hammoho, ba eme, mme ba tla thekesela, ba swabe kaofela ha bona.
12. Lelala le tea selepe, le sebetsa mollong wa mashala; le se bopa ka noto, le se sebetsa ka matla a matsoho a lona; le be le lape, le fellwe ke matla; leha le sa nwe metsi, le ye le fokole hampe.
13. Mmetli o otlolla thapo hodima lehong, a ngole setshwantsho ka potoloto, a se bope ka phalo, a se lekanye ka tekanyo, a se etse ka sebopeho sa motho le ka botle ba motho, se tle se lokele ho dula tlung.
14. E mong a ithemele dikedare, a nke le kiprese le eike, tseo a di kgethang hara difate tsa moru; a jale pine, mme e mediswe ke pula.
15. Mme motho a be le seo a ka se besang, a fele a rwalle sefate ho ikomosa ka sona, a be a bese mollo, a apehe bohobe ka sona; a iketsetse le modimo ka sona, a ntoo o kgumamela; a betle setshwantsho, a se rapele.
16. O besa sekoto se seng sa sona; ka sekoto seo o apeha dinama tsa hae, a bese nama ya hae, a kgore; a ikomose, a re: Eh, eh, ke ikomositse, mme ke bone mollo!
17. Ebe ka koto se seng se setseng o etsa modimo, setshwantsho sa hae, o inama pela sona, o a se kgumamela; o a se rapela, o re: Mpoloke, hobane o modimo wa ka!
18. Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netilwe mahlo, hore ba se ke ba bona; le dipelo, hore ba se ke ba utlwisisa ka tsona.
19. Ha ho ya elellwang, ya nang le temoho ke kelello ya ho re: Ke besitse sekoto se seng mollong, ka mashala a sona ke apehile bohobe ba ka, ka wona ka ba ka besa le dinama tsa ka, ka ja, mme ka se seng nka etsa manyala na? Na nka kgumama pela lekala la sefate na?