16. O besa sekoto se seng sa sona; ka sekoto seo o apeha dinama tsa hae, a bese nama ya hae, a kgore; a ikomose, a re: Eh, eh, ke ikomositse, mme ke bone mollo!
17. Ebe ka koto se seng se setseng o etsa modimo, setshwantsho sa hae, o inama pela sona, o a se kgumamela; o a se rapela, o re: Mpoloke, hobane o modimo wa ka!
18. Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netilwe mahlo, hore ba se ke ba bona; le dipelo, hore ba se ke ba utlwisisa ka tsona.
19. Ha ho ya elellwang, ya nang le temoho ke kelello ya ho re: Ke besitse sekoto se seng mollong, ka mashala a sona ke apehile bohobe ba ka, ka wona ka ba ka besa le dinama tsa ka, ka ja, mme ka se seng nka etsa manyala na? Na nka kgumama pela lekala la sefate na?
20. O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?
21. Elellwa teng, Jakobo; le wena Iseraele; hobane o mohlanka wa ka; ke o bopile; o mohlanka ho nna, Iseraele, ha o ka ke wa lebalwa ke nna.
22. Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.
23. Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.
24. Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, ya o entseng esale le popelong ya mmao: Ke nna Jehova ke entseng dintho tsohle, ke manolotseng mahodimo ke nnotshi, ke adileng lefatshe ke le mong,
25. ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.
26. Esale nna ke tiisang lentswe la mohlanka wa ka, ke etsahatsang ditaba tsa ba romilweng ke nna, ke bolelang hore Jerusalema o tla hahuwa, le hore metse ya Juda e tla boela e hahuwe, mme ke tla tsosa dithako tsa yona;
27. ke reng ho bodiba: Psha, mme ke tla pshesa dinoka tsa hao;
28. ke bolelang Siruse ka ho re: Ke modisa wa ka, o tla etsa se ratwang ke nna, o tla re ho Jerusalema: O tla tsoswa, le ho tempele: O tla thewa.