1. Empa jwale, mamela, Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Iseraele eo ke o kgethileng!
2. Ho itswe ke Jehova, moetsi le mmopi wa hao esale popelong ya mmao, eo e leng thuso ya hao: O se ke wa tshaba, Jakobo, mohlanka wa ka, wena Jeshurune (Iseraele), eo ke o kgethileng!
3. Hobane ke tla tshela lefatshe le nyorilweng ka metsi, melapo e phalle lefatsheng le omeletseng; ke tla tshollela moya wa ka hodima leloko la hao, le hlohonolofatso ya ka hodima mahlomela a hao,
4. a tle a mele hara botala, jwaloka meduwane pela metsi a phallang.
5. E mong o tla re: Ke wa Jehova. E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo, e mong a ingolle Jehova hodima letsoho la hae, a rorise lebitso la Iseraele.