Esaia 44:1-2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa jwale, mamela, Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Iseraele eo ke o kgethileng!

2. Ho itswe ke Jehova, moetsi le mmopi wa hao esale popelong ya mmao, eo e leng thuso ya hao: O se ke wa tshaba, Jakobo, mohlanka wa ka, wena Jeshurune (Iseraele), eo ke o kgethileng!

Esaia 44