Esaia 42:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.

2. A ke ke a howa, a ke ke a phahamisa lentswe, a ke ke a le utlwahatsa diterateng.

3. Ha a kgaole lehlaka le robehileng, mme a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang; o tla hlahisa ho loka nneteng.

Esaia 42