Esaia 41:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Empa wena Iseraele, mohlanka wa ka, Jakobo, wena eo ke ikgethetseng yena, leloko la Abrahama, moratuwa wa ka,

9. wena eo ke o nkileng kgutlelong ya lefatshe, mme ka o lata pheletsong ya lona, ka re ho wena: O mohlanka wa ka; ke o kgethile, mme ha ke a ka ka o lahla;

10. o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!

11. Bona, ba tla swaba, ba hlabiswe dihlong, bao e leng dira ho wena; ba o lwantshang ba tla ba jwaloka eka ba siyo, ba fele.

12. Batho ba o tsekisang, o tla ba batla, mme o ke ke wa hlola o ba fumana; ba o lwantshang ba tla etswa lefeela, ba be jwaloka ntho e leng siyo.

13. Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o tshwereng ka letsoho la hao le letona, ya reng ho wena: Se tshabe, ke nna ke o thusang.

14. O se ke wa tshaba, wena sebokonyana, Jakobo, mosalanyana wa Iseraele; ke nna ke o thusang, ho bolela Jehova; Mohalaledi wa Iseraele ke Molopolli wa hao.

15. Bona, ke tla o etsa selei se setjha, se phophothang, se meno a bohale; o tla pitla dithaba, o di phophothe, maralla o a etse jwaloka mooko.

16. O tla a olosa, a ye le moya, sefefo se a hasanye; empa thabo ya hao e tla ba Jehova, kganya ya hao e be Mohalaledi wa Iseraele.

17. Mafutsana le basenyehi ba batla metsi, mme a hlokahala; maleme a bona a omeletse ke lenyora. Nna, Jehova, ke tla ba utlwa; nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.

Esaia 41