8. bona, ke tla kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o seng o theohetse teng ka ketso ya letsatsi. Yaba letsatsi le kgutlela ka santhao ka tekanyo tse leshome, letlapeng la dinako la Akase, moo le neng le tsamaya teng.
9. Sefela sa Esekiase, morena wa Juda, sa mohla a neng a kula, mme a fodiswa bohlokong ba hae; a re:
10. Ke ne ke itse: Mohla matsatsi a ka e leng a phomolo, ke moo ke tla theohela menyakong ya nqalo ya bafu, ke timellwe ke dilemo tse ka beng di setse.
11. Ka ba ka re: Ha ke sa tla bona Jehova, Jehova, lefatsheng la ba utlwang; ha ke sa tla bona batho, ha ke le ho ba ahileng nqalong ya bafu.
12. Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.
13. Ka ba ka itshwara ho isa hosasane; a roba masapo a ka jwalokaha ho roba tau; ho tloha hosasa ho isa bosiu, o tla be o nqetile.
14. Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!
15. Ke tla re eng? O ntshepisitse, mme o nkutlwile. Ke tla tsamaya ka boikokobetso ho isa ho feleng ha dilemo tsohle tsa ho phela ha ka, hobane bohloko ba moya wa ka bo fetile.
16. Morena, motho o phela ka mehauhelo ya hao; bophelo ba moya wa ka bo dutse ho yona kaofela; o a mphodisa, mme o a mphedisa.
17. Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao.
18. Hobane nqalo ya bafu e ke ke ya o boka, lefu le ke ke la o rorisa; batho ba theohelang lebitleng ha ba sa tshepa botshepehi ba hao.
19. Empa ba phelang, ba phelang, ke bona ba o bokang, jwalokaha ke etsa kajeno; ntata motho o tla phetela bana ba hae tsa botshepehi ba hao!
20. Jehova o rata ho mpoloka; ka baka leo, re tla tidinya dikgole tsa diharepa tsa rona ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, ka tlung ya Jehova.