Esaia 38:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng eo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.

2. Yaba Esekiase o retelehela leboteng, mme a ithapella ho Jehova,

3. a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo.

4. Yaba lentswe la Jehova le fihla ho Esaia, la re:

5. Eya o re ho Esekiase: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona ke ya eketsa matsatsi a hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.

6. Ke tla o namolela, wena le motse wona, matsohong a morena wa Assiria, ke sireletse motse wona.

7. Mme pontsho ho wena e tswang ho Jehova, o tle o tsebe hore Jehova o tla etsahatsa seo a se boletseng,

8. bona, ke tla kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o seng o theohetse teng ka ketso ya letsatsi. Yaba letsatsi le kgutlela ka santhao ka tekanyo tse leshome, letlapeng la dinako la Akase, moo le neng le tsamaya teng.

Esaia 38