29. Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.
30. Mme taba ena e tla ba pontsho ho wena, Esekiase: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome merara, le je ditholwana tsa yona.
31. Mme masala a phonyohileng a ntlo ya Juda a tla mela metso fatshe, a bee le ditholwana hodimo.
32. Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tswe thabeng ya Sione: poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.
33. Ka baka leo, Jehova o re bakeng sa morena wa Assiria: A ke ke a kena motseng ona, a ke ke a phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pela teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutudu.
34. O tla kgutla ka yona tsela eo a tlileng ka yona: a ke ke a kena motseng ona, ho bolela Jehova.
35. Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.
36. Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.
37. Yaba Sankeribe, morena wa Assiria, o tloha, a ikela, a kgutlela hae, a ya dula Ninive.
38. Mme yare ha a se a kgumamile tempeleng ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere, bara ba hae, ba mmolaya ka lerumo, ba ntoo balehela naheng ya Ararate. Yaba Esare-Haddone, mora wa hae, e ba morena tulong tsa hae.