Esaia 34:12-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Baholo ba teng ba tla hlokeha ba ka kgethang morena, mahosana wohle a teng a tla fetoha lefeela.

13. Meutlwa e tla mela matlung a marena a teng, bobatsi le dihlahla di mele diqhobosheaneng tsa teng, e be naha ya diphokojwe le makgulo a dimpshe.

14. E tla ba moo dibatana tsa naha e tshehla di bokanang teng hammoho le diphiri, ditshwene di tla tla kgahlanyetsana teng; e tla ba moaho wa dithotsela tsa bosiu, ke moo di tla fihlela phomolo.

15. Ke moo qowane e tla etsa ntlo ya yona, e bee mahe, e a alame, e hodise madinyane a yona moriting wa yona: matlaka le wona a tla kopana teng hammoho.

16. Batlang bukeng ya Jehova, le bale! Ha ho le e nngwe ya phoofolo tseo e tla hlokahala, ha ho e nngwe e tla ba siyo, hobane molomo wa ka o boletse; ke moya wa hae o tla di bokella.

17. Hobane o rerile bakeng sa tsona; letsoho la hae le tla di arolela lefatshe, a le lekanye ka kgole; di tla le rua ka ho sa yeng kae, di phele teng kamehla le mehla.

Esaia 34