Esaia 34:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!

2. Hobane Jehova o halefetse ditjhaba tsohle, o halefetse makgotla a tsona kaofela; o di neetse thohako, o di neetse lefu.

3. Bafu ba tsona ba tla lahlwa feela, sebodu se tswe ditopong tsa bona, madi a tsona a phalle dithabeng.

4. Makgotla kaofela a mahodimo a tla qhibiliha; mahodimo a tla menwa jwaloka buka e ngodilweng, makgotla a wona a wele fatshe jwaloka mahlaku a morara ha a foforeha, le jwaloka mahlaku a sefate sa feiye ha a pona.

5. Hobane lerumo la ka le tahilwe lehodimong; bonang, le tla theohela hodima Edomo le hodima setjhaba seo ke se neetseng thohako.

6. Lerumo la Jehova le tletse madi, le kganathetse mafura le madi a dikonyana, le a diphooko, le mafura a difutsi tsa dipheleu; hobane Jehova o na le sehlabelo Botsra, le hlabo e kgolo naheng ya Edomo.

7. Dinare le dipoho le dipholo di tla wa le tsona; lefatshe la tsona le tla nosetswa ke madi, naha ya tsona e nontshwe ke mafura.

8. Hobane Jehova o beile letsatsi la tefetso, le selemo sa phetetso seo a tla lefetsa Sione ka sona.

Esaia 34