1. Bonang, morena o tla busa ka ho loka, mahosana le wona a dise ka ho loka.
2. E mong le e mong wa bona o tla ba jwaloka tshireletso ha moya o foka, jwaloka lehaha ha sefefo se etla, jwaloka molatswana wa metsi naheng e omileng, le jwaloka moriti wa lefika le phahameng naheng e nyorilweng.
3. Mahlo a ba bonang ha a sa tla tutubala, ditsebe tsa ba utlwang di tla mamela.
4. Dipelo tsa ba potlakang di tla lokela ho utlwisisa, leleme la ya kokotletsang le bue ka hlalosetso.
5. Molotsana ha a sa tla bitswa motho ya hlomphehang, mothetsi a ke ke a bitswa motho ya bokgabane.
6. Hobane molotsana o bolela tsa bolotsana feela, pelo ya hae e neetswe bobe, a tle a etse bolotsana, a sebe Jehova ka dipuo tsa bohata, a beelle moya wa ya lapileng tlala, a time ya nyorilweng seno.
7. Haele mothetsi, dibetsa tsa hae ke tsa bolotsana, o loha mano ho timetsa mosenyehi ka dipolelo tsa leshano, leha taba tsa mohloki e le tse lokileng.