6. Motho o tla tshwara ngwanabo ka tlung ya ntatae, a re ho yena: O na le kobo, tloo, o be morena wa rona, tshenyeho ena e bonwe ke wena.
7. Empa eo o tla fetola ka letsatsi leo, a re: Nke ke ka tseba ho alafa taba eo; hobane ha ho bohobe, leha e le kobo ka tlung ya ka; le se ke la mpea mmusi wa setjhaba.
8. Hobane Jerusalema o a thekesela, Juda o a wa, hobane maleme a bona le diketso tsa bona di lwantsha Jehova, ho halefisa mahlo a kganyang a hae.
9. Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.
10. Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.
11. Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.
12. Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.
13. Jehova o itlhahisa ho tseka, o ema ho ahlola ditjhaba.
14. Jehova o biletsa baholo ba setjhaba sa hae le marena a sona tsekong, o re: Le jele tshimo ya merara, mme kgapo eo le e amohileng bafumanehi e matlung a lona.
15. Le reng ha le hlorisa setjhaba sa ka, leha le pitla difahleho tsa basenyehi? ho botsa Morena, Jehova wa makgotla.
16. Jehova o boletse, a re: Erekaha baradi ba Sione ba ikgantsha, ba tsamaya ka melala e sataletseng, le mahlo a nyemotsang, ba nantsha maoto, ba rwarwaetsa ka mekgabo ya maoto,
17. ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.
18. Mohlang oo, Morena o tla tlosa ditsela tse maqaqailaneng, le meqhaka, le maphaketsana,
19. le masale a mmofa, le mefitshana, le masira a kase,
20. le mefapahlooho, le merutlwana, le dinyepa, le dikooma tsa ditlolo, le dithatho,
21. le masale a menwana, le mekadi e lepeletseng dinkong,
22. le diaparo tsa mekgabo, le dikgela, le mese e phuphuthang, le mekotlana,
23. le diipone, le masela a boleana a lene e ntle, le dituku tse qhakileng, le ditipe tsa kase.