Esaia 28:24-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Molemi ya lemelang ho jala, na a ka nna a lema kamehla na? Na a ka nna a latsa le ho phophotha mobu na?

25. Ha ke re, ereha a se a latsitse kahodimo, a ntoo jala aneta, a hase le kumine, a jale koro ka melana, le harese temeng ya yona, le poone ka mathoko na?

26. Hobane Modimo wa hae o mo rutile mokgwa o lokileng, o mo tsebisitse kamoo ho ka etswang kateng.

27. Hape, aneta ha e pupetswe ka selei se phophothang, le kumine ha e batle leoto la koloi, empa aneta e ye e polwe ka lere, le kumine ka thupa.

28. Koro e ye e polwe, empa motho a ke ke a nna a e pola kamehla; leha a e hata ka maoto a koloi ya hae, mme pere tsa hae di e hata, ha e a tule.

29. Le yona taba eo e tswa ho Jehova wa makgotla, ya nang le kutlwisiso e makatsang le kelello e kgolo.

Esaia 28